TSEBISO YA KOPO YA LAESENSE YA THEKISETSANO EA MOTLAKASE KA HARE HO NAHA YA AFRIKA BOROA
Ho latela Karolo ya 11 (Leshome le motso o mong) ya Setshwantsho sa Molao wa Tsebetso le Tsamaiso ya Motlakase (Electricity Regulation Act, 2006 No. 4 wa 2006); SOLA Tradeco (Pty) Ltd e tsebisa bohle ba amehang ka hara Afrika Boroa hore kopo ya laesense ya ho rekisa le ho reka motlakase e kentswe ho National Energy Regulator (NERSA), e ntse e emetse tumello ya Energy Regulator.
Ketsahalo ya thekisetsano ya motlakase e tla kenyelletsa ho reka motlakase ho mohlodi wa lehae o laolwang ke SOLA le ho rekisa motlakase oo ‘marakeng wa motlakase wa Afrika Boroa, ha feela SOLA Tradeco (Pty) Ltd e amohelwa e le Morekisi le Moreki kapo Setho sa ‘Maraka wa Afrika Boroa.
Mohlodi wa motlakase o haufi le Virginia, Free State.
Kopo ya laesense e fumaneha Likantorong tsa Matjhabeng Local Municipality, Virginia, 11 Union Street, Virginia, Free State (28°06’27.8″S 26°51’50.7″E). Ka kopo, ikopanye le Monghali Molefi Phumo ho (+27) 57 212 3111.
Batho bohle ba nang le thahasello kapa setho leha e le sefe sa sechaba ba ka kenya dikhanyetso tse ngotsweng ho NERSA nakong ya matsatsi a 30 (mashome a mararo) ho tloha letsatsing la phatlalatso ena. Likhanyetso tsena di tlameha ho ba ka mokhwa wa afidavithi ‘me di romelloe ho NERSA ka aterese efe kapa efe e ka tlase:
Lintlha tsa Boikopanyo tsa NERSA
Aterese ea Likantoro
HoD: Lefapha la Laesense le Tšebelisano ea Motlakase
Kulawula House
526 Madiba Street
Arcadia
Pretoria
Aterese ea Poso
HoD: Lefapha la Laesense le Tšebelisano ea Motlakase
P O Box 40343
Arcadia
0007
Afrika Boroa
Aterese ea Imeile
TdLicenseApplications@nersa.org.za



Leave a Reply